close

Enter

Log in using OpenID

embedDownload
NATIONAL
SENIOR CERTIFICATE
KEREITE YA 12
SESOTHO PUO YA TLATSETSO YA PELE (FAL)
PAMPIRI YA 2 (P2)
HLAKOLA/TLHAKUBELE 2014
MEMORANDAMO
MATSHWAO: 70
Memorandamo ona, o na le maqephe a 26.
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
2
NSC – Memorandamo
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
TATAISO HO BATSHWAYI:
•
Maemong ao motshwayi a fumanang mohlahlobuwa a arabile dipotso tse ngata
ho feta palo e behilweng, motshwayi a tshwaye feela karabo ya pele.
•
Haeba mohlahlobuwa a arabile dipotso ka bone ba tsona dithothokisong tseo a
ithutileng tsona ho Karolo ya D (ho Puo ya Tlatsetso ya Pele), motshwayi a
tshwaye feela dipotso tse pedi tsa pele.
•
Maemong ao mohlahlobuwa a nehelaneng ka dikarabo tse pedi, ya pele e
fosahetse mme ya bobedi yona e nepahetse, motshwayi a tshwaye karabo ya
pele, mme a tlohele e latelang.
•
Ha dikarabo di nomorilwe ka tsela e fosahetseng, motshwayi a tshwaye a
ipapisitse ka memorandamo.
•
Haeba mopeleto o fosahetse hoo o amang moelelo, motshwayi a fosise karabo e
jwalo, empa haeba mopeleto o sa ame moelelo karabo e jwalo e tshwauwe e
nepahetse.
•
Mofuta wa potso tse telele (ya moqoqo): Ha bolelele ba moqoqo bo le ka tlase
(kgutshwane) ho palo ya mantswe e behilweng, motshwayi a se behe kotlo
hobane mohlahlobuwa o se a ntse a ipehile boemong bo bobe. Athe haeba
moqoqo o le molelele haholo, motshwayi a tshwaye ho feta moedi wa palo ya
mantswe a behilweng ka mantswe a 50 (mongolo o ngolwang ka ho takalatsa),
mme a se tswele pele ho tshwaya karolo e latelang moo.
•
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane: Haeba mohlahlobuwa a sa sebedisa
matshwao a puo a supang qotso (di-a-bulwa-le di-kwalwa) moo a lokelang ho
qotsa, motshwayi a se behe kotlo.
Tshebediso ya Puo
Sebopeho, tlhophiso ya mehopolo le nehelano e nang le neheletsano e momahaneng e
lebisang tlhalohanyong ya sehlooho mmoho le puo, setaele le sehalo tse sebedisitsweng
ka nepo temeng.
Mohlahlobuwa a abelwe matshwao tjena bakeng sa puo:
•
•
•
•
•
Ha mohlahlobuwa a sa hlahisa makgabane/dihlomo/dibetsa ho hang (0), ha a
abelwe letshwao ho hang bakeng sa puo.
Ha mohlahlobuwa a hlahisitse sehlomo/sebetsa se le seng (1) a abelwe letshwao le
le leng (1) bakeng sa puo.
Ha mohlahlobuwa a hlahisitse dihlomo/dibetsa tse pedi (2) a abelwe matshwao a
mabedi (2) bakeng sa puo.
Ha mohlahlobuwa a hlahisitse dihlomo/dibetsa tse tharo (3) kapa ho feta, a abelwe
matshwao a mane (4) bakeng sa puo.
Ha mohlahlobuwa a hlahisitse makgabane a fetang a mararo (3) motshwayi a bale
karabo kaofela, mme a bontshe ka letshwao () dintlheng/karabong yohle moo
mohlahlobuwa a fositseng teng motshwayi a bontshe ka letshwao (X).
Dintlha tse tadingwang
Matshwao
Senotlolo
Dikahare
6
Dik. =
Puo
4
P:=
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
3
NSC – Memorandamo
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
Ho elwe hloko hore nehelano e lokela ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo, mme sena
se bolela hore nehelano e lokela ho ralwa ka tsela ya hore ho be le selelekela, mmele
o bopilweng ka diratswana le qetelo. Le ha nehelano e radilwe ka tsela ena,
moqoqo o tlameha ho hlahiswa ka tsela e supang kgokahano.
Ha motshwayi a se a badile nehelano ya mohlahlobuwa, a abele mohlahlobuwa
matshwao. Matshwao a ajwa ka ho lekanyetsa nehelano ya mohlahlobuwa.
Motshwayi o lokela ho sebedisa ruburiki e leqepheng le latelang bakeng sa ho aba
matshwao. Tekanyetso e etswa ka ho beha kapa ho bekga mosebetsi (nehelano) wa
mohlahlobuwa ka ho o beha kgatong e itseng (kgato ya 1 ho isa kgatong ya 7)
ruburiking. Kgato e nngwe le e nngwe e na le tlhaloso, mme tlhaloso e itshetlehile
makgetheng a mabedi e leng dikahare le tshebediso ya puo. Motshwayi a ele hloko
hore kgato eo a e kgethileng ha a lekanyetsa, tlhaloso ya yona e lokela ho tsamaellana
le mosebetsi (ditaba) wa mohlahlobuwa ya lekanyetswang. Matshwao a bontshitswe
qetellong ya kgato e nngwe le e nngwe. Motshwayi a ele hloko hore makgetha ana a
mabedi a hokahantswe, mme a lokela ho nkuwa e le ntho e le nngwe (ho ya ka
ruburiki) ho lekanyetswa moqoqo wa mohlahlobuwa.
Qetellong ha motshwayi a se a nehelana ka matshwao a sebedise senotlolo sena se
latelang ho bontsha kabo ya hae ya matshwao:
Dintlha tse tadingwang
Dikahare
Sebopeho le Puo
Matshwao ohle
Matshwao
25
10
Senotlolo
Dik. =
S/P =
35
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
4
NSC – Memorandamo
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
KAROLO YA A, B LE YA C: RUBRIKI YA HO LEKANYETSA MOFUTA WA POTSO E TELELE (YA MOQOQO) PALENG LE
TSHWANTSHISONG – PUO YA TLATSETSO YA PELE (FAL)
Makgetha a
ho lekanyetsa
DIKAHARE:
- Kutlwisiso ya
potso/
sehlooho;
botebo ba
tshekatsheko
ya taba
(sehlooho), le
kutlwisiso e
tebileng ya
sengolwa.
MATSHWAO A
25
Kgato ya 7
E babatsehang
80%–100%
- Sehlooho se
hlaloswa ka
botebo, dintlha
tsohle di
utullutswe ka
botlalo.
- Tshekatsheko
ke e babatsehang: o
tshehetsa ditaba
tsa hae ka dintlha
tsa mefuta e
fapaneng ho tswa
bukeng.
- Tshekatsheko
ya hae e paka
kutlwisiso e
tebileng ya potso
le ya mofuta ona
wa sengolwa.
20–25
Kgato ya 6
Phihlello e
kgabane
70%–79%
- Sehlooho se
hlaloswa ka
bokgabane,
dintlha tsohle di
utullutswe ka
tekano.
- Tshekatsheko e
hlahisitswe ka
bokgabane; o nehelana ka dintlha
tsa mefuta e
fapaneng, mme
di tshehetswa ho
tswa bukeng.
- Tshekatsheko
ya hae e paka le
ho supa kutlwisiso e
kgabane ya potso
le ya mofuta ona
wa sengolwa.
Kgato ya 5
Phihlello e ntle
60%–69%
- Sehlooho se
hlaloswa ka tsela e
supang kutlwisiso,
mme dintlha di
utullutswe hantle.
- Tshekatsheko e
hlahisitswe ka tsela
e batlang e anetse;
empa tse ding tsa
dintlha di haellwa ke
sefutho se
hlokehang bakeng
sa ho matlafatsa
moelelo.
- Tshekatsheko ya
hae e na le bopaki
bo itseng bo supang
kutlwisiso ya potso
le ya mofuta ona wa
sengolwa.
17½–19½
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
15–17
Kgato ya 4
Phihlello e
mahareng
50–59%
- Sehlooho se
hlalositswe ka tsela
e kgotsofatsang le
ha e se dintlha
tsohle tse
utullutsweng ka
botlalo.
- Tshekatsheko e
hlahisitswe ka tsela
e batlang e
kgotsofatsa; mona
le mane ho
hlahisitswe dintlha
tse ntle bakeng sa
ho matlafatsa
moelelo.
- Dintlha boholo di
tsheheditswe leha
bopaki e se bo
kgodisang hakaalo
ka nako tsohle; ho
bonahala a na le
kutlwisiso ya
motheo ya
sengolwa sena.
12½–14½
Kgato ya 3
Phihlello e foofo
40–49%
- Ho etswa boiteko
bo mahareng ba ho
hlalosa sehlooho;
dikarabo tsa hae ke
tse tlwaelehileng
feela.
- Tshekatsheko e
supa kutlwisiso e
haellang ya potso;
ditaba tsa hae ha di
kgodise hakaalo;
tshehetso ke e seng
kae feela ho tswa
sengolweng.
- Tshekatsheko ya
hae e na le bopaki
bo supang a se na
kutlwisiso ya
motheo ya mofuta
ona wa sengolwa
mmoho le ya potso.
Kgato ya 2
Karolwana
feela
30–39%
- Sehlooho se
hlaloswa ka
tsela e bontshang
kutlwisiso e
fokolang
haholo.
- Tshekatsheko
e na le kgaello
e kgolo;
dibakeng tse
ding ho na le
phetapheto ya
dintlha ha tse
ding di tswile
lekoteng.
- Tshekatsheko
e bontsha
kutlwisiso e sa
tebang; mme
nqa tse ding ho
na le ditlhaloso
tse
fosahetseng.
10–12
7½–9½
Kgato ya 1
Ha ho phihlello
0–29%
- Karabo ya hae e
tsamaelana
hanyane le potso,
leha di sa
utlwisisehe kapa di
tswile lekoteng.
- Tshekatsheko e
supa boiteko bo
fokolang ba ho
araba potso.
Dintlha tse seng
kae tse
nepahetseng ha di
a tshehetswa ho
tswa sengolweng.
- Ho entswe
boiteko bo fokolang
ba ho araba potso.
Tse ding tse mmalwa tse
nepahetseng ha di
a tshehetswa ho
tswa sengolweng.
0–7
Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
Makgetha a ho
lekanyetsa
SEBOPEHO
LE PUO:
- Sebopeho,
tlhophiso ya
mehopolo le
nehelano e
nang le
neheletsano e
momohaneng e
lebisang
tlhalohanyong
ya sehlooho
mmoho le puo,
setaele le
sehalo tse
sebedisitsweng
temeng.
MATSHWAO A
10
5
NSC – Memorandamo
Kgato ya 7
E
babatsehang
80%–100%
- Sebopeho se
totobatsa
kgokahano e
babatsehang;
tsela eo a
tshetlehang
dintlha ka yona
e paka
kutlwisiso e
tebileng ya
sehlooho.
- Selelekela le
qetelo di
bopilwe ka
tsela e babatsehang;
ditaba di
bopilwe ka
bohlale mme di
lebisa
tlhahisong ya
moelelo o toma
mme o
kgodisang.
- Tshebediso
ya puo, sehalo
le setaele di sutsitse, mme di
phehisa
tlhahisong ya
moelelo o
nepahetseng.
Kgato ya 6
Phihlello e
kgabane
70%–79%
- Sebopeho sa
moqoqo ke se
kgabane;
selelekela le
qetelo di
hlahisitswe ka
bokgabane, mme
di paka kutlwisiso
e anetseng.
- Tshekatsheko
ke e
hlahisitsweng ka
bokgabane, mme
e tshehetswa ka
mabaka a
utlwahalang ho
tswa sengolweng
se botsitsweng.
- Tshebediso ya
puo, sehalo le
setaele di loketse sepheo,
mme di
phehisitse
tlhahisong ya
nehelano e ntle.
8–10
7–7½
Kgato ya 5
Phihlello e ntle
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
Kgato ya 3
Phihlello e foofo
Kgato ya 2
Karolwana feela
Kgato ya 1
Ha ho phihlello
60%–69%
- Sebopeho sa
moqoqo se setle;
dintlha tsa hae di a
dumellana. Momahano e hlahella
selelekeleng,
qetelong le ditemaneng tse itseng.
- Tshekatsheko e
hlahisitswe ka tsela
e ntle, mme dintlha
tsa hae di
hlahisitswe ka tsela
e utlwisisehang ho
tswa sengolweng se
botsitsweng.
- Tshebediso ya
puo, sehalo le
setaele boholo di
hlahella nehelanong
di sebedisitswe ka
tsela e
nepahetseng.
Kgato ya 4
Phihlello e
mahareng
50–59%
- Ho na le bopaki bo
mahareng bo
supang hore sebopeho sa moqoqo
se latetswe ka
tshwanelo; Boholo
popeho ya ditemana
e nepahetse.
- Tshekatsheko ya
hae e hlahisa
kgaello e mahareng
tseng sebopehong
sa moqoqo; ho
bonahala
tlhalohanyo le
kgokahano di haella
haholo moqoqong
wa hae.
- Ho hlahella
diphoso tse seng
kae tsa puo, athe
sehalo le setaele di
batla di nepahetse.
- O haellwa ke
tlhalohanyo le
kgokahano.
40–49%
- Sebopeho se
bontsha diphoso
tse entsweng moralong; nehelano ya
dintlha ha e
utlwahale, ha e
bope tlhalohanyo.
Diratswana di
fosahetse.
- Tshekatsheko ya
hae e hlahisa
kgaello e mahareng
tseng sebopehong
sa moqoqo; ho
bonahala
tlhalohanyo le
kgokahano di
haella haholo
moqoqong wa hae
- Diphoso tsa puo
di bonahala ka
bongata. Tshebediso ya sehalo le
setaele ha e a
etswa ho tadimilwe
maikemisetso.
30–39%
- Sebopeho ha
se a ralwa ka
tshwanelo, mme
se nyotobetsa
moelelo.
Diratswana le
tsona ke tse
fosahetseng.
- Tshekatsheko
e hlahiswa ka
bofokodi bo
boholo. Dintlha
di hlahiswa ka
tsela e fokolang,
mme le ditaba
tsa hae ha di na
tlhalohanyo ya
letho.
- Tshebediso ya
puo le setaele di
hlahella di
fosahetse haholo
hoo karabelo
yohle e
fosahalang.
0–29%
- Ha ho bopaki ba
letho bo bontshang
hore moqoqo o
ngotswe ho
tadimilwe
sebopeho. Ha ho
diratswana kapa
kgokahano.
6–6½
5–5½
4–4½
3–3½
0–2½
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
- Ho boima ho ka
bona boiteko bo
etswang ba ho
araba potso
tshekatshekong ya
hae. Karabo ya
hae ha o ke ke wa
utlwisisa se
hlahiswang; ha ho
tlhalohanyo ya
letho.
- Tshebediso ya
puo, sehalo le
setaele, boholo ba
nehelano yohle di
hlahella di
sebedisitswe ka
tsela e fosahetseng
haholo.
Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
6
NSC – Memorandamo
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
Qetellong ha motshwayi a se a nehelana ka matshwao a sebedise senotlolo sena se latelang ho bontsha kabo ya hae ya matshwao:
Dintlha tse tadingwang
Dikahare
Sebopeho le Puo
Matshwao ohle
Matshwao
25
10
Senotlolo
Dik. =
S/P =
35
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
7
NSC – Memorandamo
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
KAROLO YA A: PADI/NOBELE
POTSO YA 1: MAHLALE A KOPANE LEKWA – DN Katsie
Selelekela
Ka hara pale nako e bolela mehla eo diketsahalo di etsahalang ka yona. Re ka ba le
mehla ya kgale le mehla ya kajeno. Mehla ya kgale e ka ba ya mehleng ya boholoholo,
athe ya kajeno e ka ba ya nakong ena ya tswelopele ya sejwalejwale.
Tikoloho yona ke sebaka kapa tulo eo baphetwa ba pale ba phelang ho yona. Ke hona
mona moo diketsahalo di etsahallang teng. Tikoloho le nako di a tsamaellana hobane
tikoloho ke yona e re tataisang a ho re lemosa mehla ya diketsahalo. Ka tlwaelo
tikoloho le nako di lokela ho hlahella tlhekelong ya pale, e le hore babadi ha ba tloha
tlhekelong, ba be ba se ba tseba hore pale ke ya mehla efe le hore tikoloho ke ya
mofuta ofe.
Nako
Diketsahalo tse hlahiswang paleng ena di supa mehla eo baphetwa ba phelang ho
yona. Nako ya diketsahalo paleng ena, e utlwahala e le ya mehleng e tlileng pele ho
selemo sa 1994 naheng ena ya rona. A mang a mabitso a sebedisitsweng, a
nnetefatsa ntlha ena. Ke hona mehleng eo moo porofensi ya Kgauteng, e neng e le
karolo ya se neng se tsejwa ka lebitso la Teransefala.
Leha mehla ena ya diketsahalo e utlwahala eka ke ya kgale jwalo, feela ha se ya
bokgalekgale ba mehleng ya ditshomo.
Mehleng eo tswelopele ya sejwalejwale, e ne e se e ntse e le teng leha feela sekgahla
sa yona, se ne se sa tshwane le sa kajeno.
Tse ding tsa diketsahalo tse nnetefatsang nako paleng ya rona, ke tse kang tse tla
latela. Tsela eo baphetwa ba sehlooho ba qhekellanang ka yona, e bontsha mehla ya
diketsahalo. Sekgukguni o qhekella ka thipa ya lepolanka e tlotsitsweng ka ferefe.
Thipa e ne e le sesebediswa se seholo sa makeisheneng mehleng eo. Athe
Mananyetsa yena, o qhekella ka mahe a dinotshi a tshetsweng ka hara boleke.
Mehleng ena sekgahla sa tswelopele se a fapana porofenseng tsena tse pedi.
Foreisetata ho iketlilwe ho sa tsongwa, ho sa lengwa. Athe Teransefala teng bophelo
bo batla bo potlakile. Mongodi o re Mananyetsa o ne a iphelela ka ho tsoma le ho lema.
Hape re bona batho ba sa le tlasa puso ya marena ditulong tse ding tsa Foreisetata.
Morena Ramoroko o ne a na le setjhabana sa hae seo a se etelletseng pele.
Teransefala teng ho potlakuwe hobane re bona ditekesi le diterene di se di le teng. Ke
tsona tseo ho nkuwang maeto ka tsona.
Tikoloho
Re fumana tikoloho tse pedi paleng ena. Tikoloho ya Teransefala e arolwa ke noka ya
Lekwa ho tikoloho ya Foreisetata. Tikolong ya Teransefala diketsahalo di etsahalla
motseng wa lekeishene, e leng Pimville. Athe kwana Foreisetata teng diketsahalo di
etsahalla metseng ya mahaeng, ha Ramokokwana.
Diketsahalo di ngata tse supang hore tikoloho ya Foreisetata ke ya mahaeng. Bophelo
ba teng ha bo a potlaka, bo iketlile.
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
8
NSC – Memorandamo
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
Re bona Mananyetsa a phela ka ho disa le ho tsoma. Batho ba tikolohong ena ba
iphedisa ka ho lema masimo. Ke hona naheng mona moo a ileng a fumana mahe a
dinotshi.
Hona tikolohong ena, ho na le dibaka/metse e buswang ke marena. Ha morena
Ramoroko, ha Ramokokwana, mme tsena ke dibaka tse fumanwang hona Foreistata
haufi le Koppies. Batho ba phelang mona ba hlompha marena.
Metse ya mona e qadikane, ke ka hona baphetwa ba neng ba kgona ho tsamaya
sebaka se selelele ho phetha mabaka. Mona maeto ha a nkuwe ka ditekesi empa ka
dipere kapa ka la Mohlomi. Ke maeto a malelele a neng a nkuwa ka terene.
Tikolohong ya Teransefala diketsahalo di etsahalla Pimville jwalo ka ha re se re
boletse. Mona Pimville ke lekeisheneng, moo ho phelwang ka ho sebetsa. Ke ka hona
ho thweng mohatsa Sekgukguni, o ne a sebetsa a le mong ka lapeng. Tikolohong ena
maeto a nkuwa ka ditekesi le tsona diterene. Mofuta wa matlo a mona le wona, o a
ipolela. Ke matlo a tshwanang, a teteaneng. Athe kwana Koppies re bona hore metse e
qaqolohane.
Phethelo
Jwale re a lemoha hore diketsahalo le disebediswa di nnetefatsa mehla ya diketsahalo
mmoho le tikoloho terameng ena.
ELA HLOKO: Sena ke tataiso feela. Motshwayi a bale karabo ya mohlahlobuwa
ka hloko mme a abe matshwao ho ya ka ruburiki.
[35]
KAPA
POTSO YA 2: MAHLALE A KOPANE LEKWA – DN Katsie
2.1
Ke Mananyetsa. √
(1)
2.2
O ne a tswa seteisheneng sa tereneng. √
(1)
2.3
Ha Ramokokwana. √
(1)
2.4
O ne a ile jwaleng/Ha Mmadibelese. √
(1)
2.5
Lekgetlo la bobedi. √
(1)
2.6
Mananyetsa o ne a ile jwaleng ha Sekgukguni a fihla. √ Mmadieketseng a
roma Dieketseng ho ya lata Mananyetsa, ho e na le hore a tle le ntatae, a
kgutla le molaetsa o tswang ho ntatae o reng Mmadieketseng a mo fe tjhelete
lekaseng le ka mora lemati. √ Ke hona mona moo Sekgukguni a ileng a utlwa
moo tjhelete e patilweng teng mme ha Mmadieketseng a ilo mmatlela jwala, a
kena a nka tjhelete a nto ikela. √
(3)
Ha ho ya bohlale ho feta e mong, √ ke kahoo ba ileng ba qetella ba arolelane
tjhelete ka ho lekana.√ Le bona ba ipone hore ba a lekana ka bohlale ke ka
hona ba ileng ba nka qeto ya hore ba sebedisane mmoho.
(2)
2.7
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
9
NSC – Memorandamo
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
2.8
Ho ile ha qhoma e mahlo mafubedu, ntweng eo Mananyetsa a hlola
Sekgukguni ka matla. √√
(2)
2.9
Ha a ne a ya Foreistata o ne a se na tjhelete empa ha a kgutla o ne a se a e
na le tjhelete. E ne e le mofutsana empa ha a kgutla, e ne e le morui. √√
(2)
2.10
Nnete, o ile a palama a ya Pimville ha Sekgukguni, moo ba ileng ba qetella
ba arolelane tjhelete eo. √√
(2)
2.11
B/Dipuo le diketso tsa bona di senola semelo sa bona. √√
(2)
2.12
Tlala le ho hloka ho ba susumeditse ho phela ka bonokwane/ botsotsi/
bokelepane/bokeleme. √√
(2)
2.13
Motho ya nang le mamello. √√/ya tshepang ba bang.
(2)
2.14
Ke ya kantle hobane ke twantshano e totobetseng pakeng tsa baphetwa. √√
(2)
2.15
A dumellana le ketsahalo ya ha Mananyetsa a ne a setswe morao ke matona
le mofumahadi ba ya mabitleng moo ba neng ba ilo nnetefatsa hore morena o
tla fela a bue a le badimong. √√
(2)
Ke dumellana le wona hobane Mananyetsa ha a qeta ho fumana tjhelete o ile
a baleha ka yona a sa ntsha Sekgukguni ka lebitleng. √√
KAPA
Ha ke dumellane le wona hobane o ile a qetella a arolelane tjhelete le
Sekgukguni.
(2)
Ha e kgolwehe, hobane ha motho a hlokahetse ha a bue. √√
KAPA
E a kgolweha hobane ba ne ba dumela matleng a dingaka tsa setso.
E le nngwe feela
(2)
2.18
E fana ka maikutlo a hore bonokwane bo a putsa, hobane ke moo pheletsong
ya pale ba arolelana tjhelete ya boshodu. √√
(2)
2.19
Ke a mo qenehela √ hobane o ne a phela ka thata ka baka la monna ya sa
sebetseng. √√
KAPA
Ha ke mo qenehele √ hobane ha monna a sa sebetse ke boikarabelo ba hae
le yena ho bona hore ho a phelwa ka lapeng. √√
E le nngwe feela
2.16
2.17
KAPA
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
(3)
[35]
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
10
NSC – Memorandamo
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
POTSO YA 3: BOSWEU BA LEHLWA – Sello Moroe
Selelekela
Ka hara pale nako e bolela mehla eo diketsahalo di etsahalang ka yona. Re ka ba le
mehla ya kgale le mehla ya kajeno. Mehla ya kgale e ka ba ya mehleng ya boholoholo,
athe ya kajeno e ka ba ya nakong ena ya tswelopele ya sejwalejwale.
Tikoloho yona ke sebaka kapa tulo eo baphetwa ba pale ba phelang ho yona. Ke hona
mona moo diketsahalo di etsahallang teng. Tikoloho le nako di a tsamaellana hobane
tikoloho ke yona e re tataisang ke ho re lemosa mehla ya diketsahalo. Ka tlwaelo
tikoloho le nako di lokela ho hlahella tlhekelong ya pale, e le hore babadi ha ba tloha
tlhekelong, ba be ba se ba tseba hore pale ke ya mehla efe le hore tikoloho ke ya
mofuta ofe.
Mmele: nako le tikoloho
Nako
Diketsahalo tse hlahiswang paleng ena di supa mehla eo baphetwa ba phelang ho
yona. Paleng ena diketsahalo ke tsa mehleng ya kajeno. Mehleng ena ho se ho atile
disebediswa tsa kajeno. Bophelo ba baphetwa le bona bo paka hore mehla ke yona ya
kajeno. Letsumahole ke tulo eo batho ba teng ba phelang nakong ya tswelopele. Sena
se pakwa ke ho bona bana ba kena dikolo ka bongata. Dikolong thuto ho bona ke
papadi e monate hobane ba hlodisana ka diphetho tsa dihlahlobo. Ya tswileng
bobeding o hlabeha ha bohloko mme o lakatsa ho iphethetsa dihlahlobong tse
latelang.
Mehleng ena ho bile ho na le diyunibesiti. Baphetwa ba ntshetsa pele dithuto tsa bona
hona diyunibesithing. Lerato le Hlomi ba ile ba ya ithuta yunibesithing moo Hlomi a
ileng a fumana thuso ya ditjhelete ho Blacks American Fund Scheme.
Mmino o mamelwang le wona o a netefatsa hore diketsahalo ke tsa mehleng ya
kajeno. Hlomi le Lerato ba ne ba mamela mmino wa tswelopele wa sekgowa o akgang
ka hare dipina tse kang, Monica. Ena Hlomi o ne a e rata haholo hobane Monica e ne
e le lebitso la Lerato la sekgowa.
Letsatsing la mokete wa sekolo, ho ne ho etswa motjeko wa sejwalejwale. Hlomi o ile a
hlola tlhodisano ka ho etsa motjeko wa American Jive. Ka tsatsi leo Hlomi o ne a apere
diaparo tse ntle, a tjhesitse moriri hantle ka mokgwa wa Manikro a kwana Amerika.
Dintlha tsena di bontsha hore Letsumahole e ne e le motse wa tswelopele ya kajeno.
Ditabeng tsa marato a batjha teng, dintho di fetohile le ho feta. Mehleng ya pele taba
tsa marato ana, di ne di fella tseleng, hole kwana le hae moo di etsahallang teng. Athe
mehleng ena re bona taba tsa marato ana, di amohelwa ka atla tse pedi ke batswadi.
Mme wa Lerato o ile a re o batla ho tseba Hlomi mme ka lebaka leo a mo memela
dijong. Ntate wa Lerato le yena o ntse a le moyeng ona wa mohatsae. Re mmona a fa
Hlomi dikeletso tse mo tsebisang hore e se e le monna, ha e sa le moshanyana. Ha
Lerato a se a ithwetse, o ile a mmotsa hore na o a dumela hore molato ke wa hae.
Mme wa Dineo le yena o ntse a dumellana le taba tsa marato a batjha hobane mohla
Hlomi a neng a ile habo Dineo, o ile a botsa Dineo hore mmae o tla reng ha a mmona
moo. Dineo o ile a re a se tshwenyehe hobane mmae o a mo rata.
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
11
NSC – Memorandamo
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
Mekgwa kapa ditlwaelo tsa banana ba Letsumahole, le tsona di a paka hore ba phela
mehleng ya kajeno. Banana ba mona ha ba tswafe ho ipherehela bahlankana. Dineo o
ne a ipherehela Hlomi, a mo ngolla mangolo a mararo a ba a mo fa le sefaha. Botjha le
yena o ile a patalla Hlomi tekesing ha ba ya yunibesithing hobane a ne a batla ho
ratana le Hlomi. Ka le leng o bile a ikisa ho yena moo Hlomi a neng a dula teng.
Batho ba motseng ona ke ba tswetseng pele ba balang dikoranta. Ditaba tsa ho
tshwarwa ha Firi le Mmadito, di ne di hlahisitswe koranteng ya Sowetan le ya City
Press. Athe senepe sa Hlomi le Lerato sona, se ne se hlahisitswe makasineng wa
True Love.
Dipalangwang le tsona e ne e le tsa sejwalejwale. Makoloi ho ne ho palangwa
boSkyline. Baeti bona ba ne ba eta ka dikhumbi tsa diE20.
Tikoloho
Diketsahalo paleng ena di etsahalla tikolohong ya makeishene. BoHlomi ba kena
sekolo se bitswang Molediboho High. Mekete ya teng e tshwarelwa holong ya sekolo.
Mohla ho neng ho ketekwa dilemo tse mashome a mane sekolo seo se thehilwe, ho ne
ho phuthehile setjhaba mme Ramotse le yena a le teng. Kaha tikoloho ena ke ya
mehleng ya sejwalejwale, baeti ba eta ka dikhumbi tsa diE20. Baahi ba motse ona ba
sebetsa toropong. Mme wa Hlomi o ne a sebetsa Sale Bank.
Jwalo ka tlwaelo, meaho ya dikereke e a fumaneha motseng ona. Letsatsi la Sontaha
e ba lona leo matjhaba a tsholohelang kerekeng ka lona. Ntle ho mona re bona hape
ho na le tleliniki motseng ona. Ho totobetse hore tikoloholo ena e fela e le ya
makeisheneng e seng ya mahaeng.
Phetelo/qetelo
Ho latela diketsahalo tsa pale ena, ho hlakile hore mongodi o totobaditse nako le
tikoloho hantle. Diketsahalo di dumellana le nako mmoho le yona tikoloho.
ELA HLOKO: Sena ke tataiso feela. Motshwayi a bale karabo ya mohlahlobuwa ka
hloko mme a abe matshwao ho ya ka ruburiki.
[35]
KAPA
POTSO YA 4: BOSWEU BA LEHLWA – Sello Moroe
4.1
Ke a Hlomi. √
(1)
4.2
Ho Dineo. √
(1)
4.3
Ke sefaha sa molaleng. √
(1)
4.4
E ne e tswa ho Dineo. √
(1)
4.5
La meriana le dipatlisiso . √
(1)
4.6
- O ile a iphumanela mosebetsi o motle sepetlele. √
- Bophelo ba lapa labo e bile bo monate bo atlehileng. √
(2)
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
12
NSC – Memorandamo
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
4.7
Ba ne ba rata Hlomi√ ba lakatsa eka a ka nyala baradi ba bona. √
(2)
4.8
Hlomi o ile a kula mme a ba le kgatello ya maikutlo hoo a bileng a iswa
sepetlele/Hlomi o ile a ba le bothata ba kelello a ba a iswa sepetlele. √
(1)
4.9
Dineo o ile a nka lengolo butle eka ke ketsahalo ya baesekopong. √ A le bala
a thothomela hanyenyane. √ Ha a qeta ho a bala, Hlomi o ile a mo rwesa
sefaha √ mme Dineo yena o ile a fa Hlomi lengolo leo yena a kileng a mo
ngolla lona kgale.
(3)
4.10
Ka mora dilemo tse tharo. √
(1)
4.11
C/Ke twantshano e pakeng tsa baphetwa. √√
(2)
4.12
Ke nnete, o ile a ikutlwa a thabile a ba a mo tshwara mpeng a bososela. √√
(2)
4.13
Ke ho bontsha hore mamello e tswala katleho/ha motho a hloleha lekgetlo la
pele ho fumana seo a se batlang, a se ke a nyahama hobane o qetella o se
fumane. √√
(2)
4.14
Ke motho wa kgotso/ya sa batleng ntwa, o na le lerato hobane o rata Hlomi.
√√
(2)
4.15
E ne e bua nnete hobane torong Lerato o phonyoha Hlomi, le qetellong ya
buka Lerato o phonyoha Hlomi ka lebaka la lefu.
(2)
4.16
Ke mehla ya kajeno hobane BoHlomi ba ne ba mamela mmino wa
sejwalejwale wa sekgowa o kang, 'You are my shining star' le
'Monica'.√√
• Le mofuta wa tantshe e ne e le wa sejwalejwale o bitswang American
jive.
• Ho buuwa ka diyunibesithi e leng dintho tse neng di le siyo mehleng ya
kgale.
• Ho fapana le mehleng ya kgale, mehleng ena (ya pale) ho pepelwa
sepetlele.
E le nngwe feela
(2)
A dumellana le ho mamella ha Hlomi nakong eo Lerato a neng a qeaqea ho
mo dumela, mme ba ile ba qetella ba ratana ka lebaka le mamello.
Ho se lahle tshepo ha Dineo nakong eo Hlomi a ntseng a ratana le Lerato ho
mo tswetse molemo hobane o qetelletse a nyalana le Hlomi. √√
E le nngwe feela
(2)
E, e ya kgolweha hobane ke diketso tse ntseng di etswa le ke batjha ba
kajeno. √√
KAPA
Ha e kgolwehe hobane ha o le ngwana wa ngwanana ha ho bonolo ho
ipherehela mohlankana.
(2)
4.17
4.18
•
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
13
NSC – Memorandamo
4.19
4.20
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
-Ha ke dumele hobane lerato leo e tla be e se la nnete, ke la nakwana. √√
-E, ke dumellana le yona hobane motho ha rata kgarebe a ka etsa maqheka
ohle hore a ikgapele yeno.
E le nngwe feela
E etsa hore ke mo utlwele bohloko √ hobane ho sitisa ho tswela pele ha hae
ka dithuto. √√
E etsa hore ke se mo qenehele hobane ngwana wa sekolo ha a tshwanela ho
ima pele a qeta dithuto tsa hae.
KAPA
POTSO YA 5: SEHLEKEHLEKE SA DEIDRO – VT Masima
Selelekela
Ka hara pale nako e bolela mehla eo diketsahalo di etsahalang ka yona. Re ka ba le
mehla ya kgale le mehla ya kajeno. Mehla ya kgale e ka ba ya mehleng ya boholoholo,
athe ya kajeno e ka ba ya nakong ena ya tswelopele kapa sejwalejwale.
Tikoloho yona ke sebaka kapa tulo eo baphetwa ba pale ba phelang ho yona. Ke hona
mona moo diketsahalo di etsahallang teng. Tikoloho le nako di a tsamaellana hobane
tikoloho ke yona e re tataisang ke ho re lemosa mehla ya diketsahalo. Ka tlwaelo
tikoloho le nako di lokela ho hlahella tlhekelong ya pale, e le hore babadi ha ba tloha
tlhekelong, ba be ba se ba tseba hore pale ke ya mehla efe le hore tikoloho ke ya
mofuta ofe.
Mmele: nako
Nako
Diketsahalo tse hlahiswang paleng ena di supa mehla eo baphetwa ba phelang ho
yona.
Paleng ena diketsahalo ke tsa mehleng ya kajeno, moo re bonang thekenoloji e
nolofaditse bophelo. Ha re makale he ha tlhahisong ya pale, re fumana Chikano a
potoloha sehlekehleke ka helikopotara. Ha a theoha helikopotareng, o ile a iphumana
a se a dikanyeditswe ke difonthwane tse jereng merathatha ya dithunya mme a
tlameha ho phethisa seo a neng a se laelwa.
Kopanong ya mobishopo Biala le 'baruti', mobishopo o ile a bolaya monna e mong wa
Botswania, ka 'sethunya' se hlatsang metsu. Hang ha Biala a ne a ka tshwara 'pene'
pene eo, batho ba ne ba hatsela hobane ba ne ba tseba kotsi ya yona. Monna eo wa
Botswania, o ile a bolaelwa bohlaswa jwalo a bolaelwa bohlabaphiyo.
Ke hona kopanong eo moo yena mobishopo Biala, a ileng a ba tsebisa hore
mopresidente wa Bosothonia, Ispia Monnafeela, o tla kwetelwa. O ne a tla kwetelwa
mohla ho ketekwang hoteleng ya Rondalia. O bile a tsebisa hore kwetelong eo, ho tla
sebediswa sethethefatsi se robatsang, makoloi a lebelo le helikopotara. Tsena di paka
hore mehla ke ya kajeno.
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
(2)
(3)
[35]
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
14
NSC – Memorandamo
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
Ka ho le leng moatemirale Makhanda o ile a tsebisa Chikano hore tlhapikepe ya
Nyutlelere e nyametse. Ha ho tikatiko ya letho hore disebediswa tsena tse hlahellang
tlhekelong, di tiisa taba ya hore diketsahalo paleng ena, ke tsa mehleng ena ya kajeno
moo ho sebediswang dintho tsa thekenoloji.
Makhanda o roma Chikano ho ya fuputsa diketso tsa ho nyamela ha Thakadi. Pelaelo
ke ya hore ho nyamela ha yona, ho amana le mokgatlo wa dinokwane o bitswang
Bana ba Phiri. Chikano o ne a lokela ho qala ka ho batlana le ditho tsa kereke ya Ilizwe
Mission hobane le yona kereke ena, e nkga lefotha diketsong tsa bonokwane. Boholo
ba diphuputso tsa hae di ne di tla ba Botswania. Zero a mo laela ho qala Namibia e le
tsela ya boikgakanyo eo a tla kena Botswania ka yona.
O ile a tshwara sefofane ho ya Namibia. Teng a fihlela hoteleng eo a neng a tla
kopana le sehlwela, se neng se tla mo fa tlhahisoleseding le disebediswa tseo a tla di
sebedisa Botswania. Ke hona mona moo a kopaneng le sona sehlwela seo, Amanda
Zamiya. Ba tlohile ka koloi ho ya Oshakati moo ho neng ho dula Amanda.
Moo Namibia o tlohile bakana di ya le moya. Mahlahana a Bana ba Phiri a ne a
thuntse Amanda ka sehloho letsholong la ona, la ho batlana le yena Chikano. Le moo
Namibia o tlohile ka sefofane ho Botswania.
Le teng o fihlile a sebedisa makoloi ho iteanya le moborikadiri Ramaqiti, ya neng a
lokela ho mo thusa diphuputsong tsa hae. Ramaqiti o ile a buisana le Zero ka mohala
ho lokisa ditaba tsa Chikano moo Botswania. Chikano o nnile a dula hoteleng le moo
Botswania. Mehala, makoloi le dithunya ke disebediswa tse tlolang boroko paleng ena.
Disebediswa tsena tsohle di paka hore diketsahalo paleng ena, ke tsa mehleng ena ya
jwale.
Tikoloho
Paleng ena ho bonahala diketsahalo di tla etsahalla sehlekehlekeng sa Deidro.
Kgaolong ya pele se hlaloswa hantle hore se jwang. Feela puo ya mobishopo Biala
kopanong ya hae le baruti, e totobatsa hore tikoloho ya diketsahalo e tla hle e name.
Ho qhoma ha mabitso a dinaha tse kang Namibia, Botswania le Swatinia, Bosothonia
ho bolela hore tikoloho e tla namela le dibakeng tseo. Le puisanong ya Makhanda le
Chikano, ho ile ha hla ha totobala hore tikoloho ya diketsahalo, e tla namela le
dinaheng tse ka Borwa ho Afrika. Puisanong eo, Zero o ile a tsebisa Chikano hore o tla
qala letsholo la hae la diphuputso Namibia pele a fetela Botswania.
Mafatsheng ana diketsahalo di etsahalla metseng ya ditoropo le ya mahaeng jwalo ka
Kweneng kwana Botswania.
Phethelo
Ha ho pelaelo ya letho hore nako le tikoloho di hlahisitswe hantle paleng ena.
Diketsahalo paleng ena di nyallana ka bokgabane le nako mmoho le yona tikoloho.
ELA HLOKO:
Sena ke tataiso feela. Motshwayi a bale karabo ya mohlahlobuwa
ka hloko mme a abe matshwao ho ya ka ruburiki.
KAPA
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
[35]
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
15
NSC – Memorandamo
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
POTSO YA 6: SEHLEKEHLEKE SA DEIDRO – VT Masima
6.1
Le moborikadiri Ramaqiti. √
(1)
6.2
Botswania. √
(1)
6.3
Ke mopresidente Ispia Monnafeela. √
(1)
6.4
A le hoteleng ya Rondalia,√ ka taelo ya mobishopo Biala√
(2)
6.5
Motseng wa Kweneng. √
(1)
6.6
Moruti eo o ne a tla mo thusa ka tlhahisoleseding eo a ntseng a e batla e
malebana le kereke eo/o ne a batla ho mmolella hore kgaitsedi ya hae
Amanda, e bolauwe Namibia. √
(1)
6.7
Ketsahalong tseo ka bobedi ba tsona, o ile a hlaselwa ke Bana ba Phiri ba
neng ba batla ho mmolaya. √√
(2)
6.8
- Ba le babedi ba ikgakantse ka boruti ho etsa diketso tsa bonokwane. √
- Ke ditho tsa mokgatlo wa dinokwane o bitswang Bana ba-Phiri. √
(2)
6.9
Ramaqiti ya neng a lokela ho mo thusa diphuputsong tsa hae, o ile a se mo
amohele hantle mme a se ke a mo thusa ka letho. √ Se teng Ramaqiti o ile a
mmatlela dikweta hore di mmolaye. √ Ramaqiti o ne a bile a behile batho ba
disitseng metsamao ya hae. √ Mohla a neng a ilo batla moruti Sam Zamiya
Kweneng, o ile a batla a bolawa ke bosister Ruth. Ya re ha fihla hoteleng eo a
neng a dula ho yona, a fumana a se a emetswe ke dinokwane tse neng di
romilwe ho mo fenetha.
Tse tharo feela
(3)
O ne a se thahaselletse hobane a ne a bona e le setshwantsho sa phiri. Yena
o ne a ntse a fuputsa a batlana le mokgatlo wa dinokwane wa Bana ba
Phiri/O ne a makalletse ho bona setshwantsho sa phiri ofising ya Ramaqiti, ha
yena a ntse a batlana le mokgatlo wa Bana ba Phiri/Setshwantsho seo e ne e
le sa phiri, mme se ne se mo fa mohopolo wa hore Ramaqiti o amana le
mokgatlo wa Bana ba Phiri. √√
E le nngwe feela
(2)
O ne a thabetse hore Chikano a elellwe hore mokgatlo wa bona o moholo, ha
se oo Chikano a ka o fedisang/o ne a thabetse ha Chikano a lemoha hore le
batho ba maemo a hodimo ba teng mokgatlong wa bona. √√
(2)
6.12
A/Chikano. √ hobane re bontshwa mahlakore a mabedi a hae. Lehlakore la
matla le la bofokodi. √
(2)
6.13
6.13.1
Ke mafosi hobane ke twantshano e bonwang, e totobetseng
pakeng tsa baphetwa, mokgatlo wa Bana ba Phiri le mebuso. √√
(2)
6.13.2
Ke nnete hobane o ne a phela ka maqiti. E ne e le e moholo
sesoleng sa naha ya habo empa hape e le moetapele wa mokgatlo
wa dinokwane. √√
(2)
6.10
6.11
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
16
NSC – Memorandamo
6.14
6.15
6.16
6.17
6.18
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
Ya bohlale hobane ke mona o kgonne ho phelekanyetsa mmuso wa habo
hore o se ke wa tseba hore ke moetapele wa dinokwane/hobane sebaka seo
ba leng ho sona, se ahuwe ka bohlale hore se se tsejwe ke motho ntle le
bona. √√
(2)
Mokgatlo wa Bana ba Phiri o ne o qhalwe ke mapolesa le masole a dinaha
tsa Afrika e Borwa mme Ramaqiti a ipha dimenyane/ditho tsa mokgatlo wa
Bana ba Phiri di ne di tshwarwe ha Ramaqiti yena a ne a iphe dimenyane. √√
(2)
Ke mohopolo feela hobane o a fetelletsa, ebile bohlale le boiphihlelo tseo a
buang ka tsona, ha di so ka di lekanngwa le ntho tsohle tse tsejwang ke
batho. √√
KAPA
Ke ntlha hobane ho ya ka maemo a hlahiswang paleng ena, ha ho banna le
basadi ba bang le bohlale le boiphihlelo boo e kang ba boRamaqiti.
(2)
E a dumellana hobane diketsahalo tsa yona ke tsa mehleng ya kajeno moo
ho kwetelwa ha batho e leng ntho e setlwaeding mehleng ya kajeno. √√
KAPA
Tjhe ha e dumellane hobane ha ho kamoo mehleng ena ya kajeno ketsahalo
e jwalo e ka etsahalang dihlwela le ba tshireletso ya mmuso ba sa tsebe ka
yona.
(2)
E etsa hore ke mo utlwele bohloko/ke mo qenehele √ hobane o bolauwe ka
sehlooho a ne a sa lebella. √√
KAPA
Ke se mo utlwele bohloko/ke se mo qenehele √ hobane ka ha e ne e le
sehlwela, o tsebile hore moputso wa bohlwela ke lefu √√.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
(3)
[35]
35
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
17
NSC – Memorandamo
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
KAROLO YA B: TSHWANTSHISO/TERAMA
POTSO YA 7: SEFI – DJ NKUTHA
Tlhahiso/Selelekela
Dibapadi ke batho ba hlahellang ka hara tshwantshiso. Ke bona bao mongodi a
tshwantshisang ditaba tsa terama ka dipuo le diketso tsa bona. Ho ya ka seabo sa
bona tshwantshisong, ba ka hlophiswa ho ya ka mefuta e fapaneng. Re ka ba le
moetapele, mohanyetsi le mohlohlelletsi.
Mmele
Moetapele
Enwa ke sebapadi seo ditaba tsa tshwantshiso di thehilweng hodima hae. Moetapele o
na le merero eo a batlang ho e ntshetsa pele. O na le ditabatabelo tseo a batlang ho di
fihlella. Merero kapa ditabatabelo tsena tsa moetapele, di sitiswa ke mohanyetsi.
Khathatso Motaung ke moetapele tshwantshisong ena hobane ditaba tsa yona, di
thehilwe hodima hae kapa hodima lelapa la hae. Lelapa la hae le fapana le la
motswalle wa hae Raboditse ka nthonyana tse ngata. Lapeng la hae ho rena kgotso. O
rera ditaba le mohatsae Mmatiisetso. Ha a tshwane le motswalle wa hae ya dumelang
hore mosadi o lokela ho phediswa ka leswai. Yena le Mofumahadi wa hae ba
dumellane hore ha moradia bona Tiisetso a pasa materiki, ba tla mo isa yunibesithing.
Katleho le tswelopele ya lapa lena, e bonwa ke bohle. Feela katleho ena ya lona, ke
sehlabi se seholo ho motswalle wa hae Raboditse mmoho le ho ba lelapa la hae.
Mohanyetsi
Enwa ke molwantshi wa moetapele. O kgahlanong le merero yohle ya hae. Ka mehla
sepheo sa hae ke ho diha moetapele. Raboditse ke mohanyetsi terameng ena.
Katleho ya lapa la Motaung, e mo ferola dibete. Kgotso le tlhompho eo Motaung a
nang le tsona ho mohatsae, di hulanya moya wa hae majweng, di etsa hore a dule a
pipitletswe sa motho ya ipolaisitseng torofeiye. Qeto e pelong ya hae, ke ho fedisa
thabo le kgotso tse renang lapeng la Motaung. Ho atleha ha Tiisetso sehlopheng sa
materiki, ho mo fuduha sepono le ho feta. Lonya, lefufa le bokgopo di kopotsa ka ho
yena.
Seepamere sena, se loha mano a ho hlabisa Motaung ka lenaka fatshe. O fumana
hore tsela di pedi feela tse ka mo thusang ho duka kgotso ya lapa lena la motswalle
wa hae. Ka hoo, o konkolla Motaung hore a phedise mosadi wa hae jwalo ka yena. O
mo eletsa hore mosadi o phediswa ka phafa. O bile o boela a mo eletsa hore ho isa
ngwana ngwanana yunibesithing ke ho senya tjhelete. O tiisa dikeletso tsa hae ka ho
hopotsa Motaung, banana ba phoqileng batswadi ba bona ha ba fihla yunibesithing. O
bile o eletsa Motaung ka matla hore ha e tla ba ke monna wa sebele, o lokela ho nwa
tedu tsa banna. Sepheo e le hore a hle a bontshe Mmatiisetso hore yena ke monna,
ha se moshanyana ya mamelang mosadi.
Mohlohlelletsi
Sena ke sebapadi se rotetsang mollo o pakeng tsa moetapele le mohanyetsi.
Mosebetsi wa sona ke ho butswela mollo hore hlaha e tjhe. Ho na le hore
mohlohlelletsi a thuse, o qabanya e le ka nnete. Enwa ke Mmankepe terameng ena.
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
18
NSC – Memorandamo
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
Mmankepe ke mosadi ya lonya jwalo ka mohatsae Raboditse. Le yena kgotso le
katleho tsa lelapa la ha Mmatiisetso di mo kopanya hlooho. Mmankepe o dumellana le
mohatsae hore lapa la Motaung le a ikgantsha empa ho se jwalo. O tlatsana le
Raboditse hore ho isa ngwana ngwanana yunibesithing ke ho senya. O buiswa
mantswe ana ke lonya le bokgopo tse pelong ya hae. O ne a utlwile bohloko ha wa
hae moradi a feitse.
O qetelletse a rwala dieta a ya ho eletsa Mmatiisetso hore ba se ise Tiisetso
yunivesithing hobane o tla ba phoqa ha a fihla teng. O tswile ha Mmatiisetso ka ntshwe
di sa fohlwa, a qabane hampempe le Mmatiisetso. Ho tloha moo, re mmona a thusa
mohatsae ka dikeletso tse tla dihela Motaung tsietsing. O tiisa taba ya hore Motaung
ha e tla ba ke monna wa sebele, o lokela ho phedisa Mmatiisetso ka phafa. O rorisa
monna wa hae ka hore yena, ha mamele masawana a mosadi.
Ha Raboditse a kgothalletsa Motaung ho nwa jwala, Mmankepe o ema ka maoto ho
mo thusa hore a atlehe. Mohla Raboditse a neng a mo tsebisa hore o se a qetile ka
Motaung, re utlwa Mmankepe a re, 'Ke tla o rata ho isa lefung moratuwa. Banna ba
tshwanang le wena ruri ba a hlokwa'. Ka puo ena o kgothalletsa monna ho tswela pele
ka morero ona wa ho diha motswalle wa hae. Ha re makale he ho bona ka le leng, a
kgothalletsa Motaung ho robala le yena. Maikemisetso a hae ke ho thusa monnae ho
thuha lapa la Motaung. Dipuo tsa hae ke tse behang Motaung tlasa kgatello e matla. O
sebetsa ka matla ho etsa hore Motaung a ipone e se monna wa letho. Ha Motaung a
hanana le taba eo, o mo qosa ka hore o ne a leka ho mmeta.
Ka le leng re utlwa a bua le mohatsae a re, 'Ke bua ka taba ya ho thuha lelapa la
baikgohomosi bana ba iketsang bathohadi mona Tselakgopo'. Mohla Raboditse a seng
a itshola ka tseo a di entseng, re utlwa a re, 'Bonnete le nna ke a itshola. Ke madi
matsohong ka baka la mosadi, e leng Mmankepe'. Sena se tiisa hore tse ding tsa
dintho tseo a di etsisitseng Motaung, e ne e le ka lebaka la ho hlohlelletswa ke
Mmankepe.
ELA HLOKO: Sena ke tataiso feela. Motshwayi a bale karabo ya mohlahlobuwa
ka hloko mme a abe matshwao ho ya ka ruburiki.
[35]
KAPA
POTSO YA 8: SEFI – DJ Nkutha
8.1
Khathatso Motaung/Motaung.√
(1)
8.2
Lapeng ha Raboditse.√
(1)
8.3
Ke mohatsae/monna wa hae.√
(1)
8.4
•
•
•
O ne a kgathatsehile ka hore monna wa hae o kae.√
Motaung o ne a se a sa dule ha hae.√
O ne a se a sa hlokomele lapa la hae hobane o ne a dula ha Mmatshele. √
(3)
•
•
Ke basebetsi mmoho. √
Ke metswalle/ba ntshana se inong.
E le nngwe feela
(1)
8.5
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
19
NSC – Memorandamo
8.6
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
Ba ha Raboditse ba sebedisa ditlhare √ anthe ba ha Motaung ke
Bakreste √
Raboditse o letsoho ka lelapeng la hae athe Motaung o hlompha
mohatsae ha a mo shape.
E le nngwe feela
(2)
Motaung o ile a fihla a bolella Mmatshele hore o lelekuwe mosebetsing ebile
a ntse a itshedisa ka hore o tla iphedisa ka tamene. √
Mmatshele a kgena mme a mo leleka ntle ho kutlwelobohloko. √
(2)
8.8
O ile a feila sehlopha sa leshome/materiki. √
O qetelletse a se a imme. √
(2)
8.9
•
•
•
8.7
Motaung o ile a elellwa hore Mmatshele ha a mo rate hobane o ile a mo
leleka lapeng la hae.
Motaung o ile a elellwa hore o ne a tjhehetswe leraba.
O ile a kopa tshwarelo ho mosadi wa hae.
E le nngwe feela
(1)
E le mosadi ya lerato, ya tsotellang ebile ya hlokometseng lelapa la hae/Ya
kgathallang monna wa hae/Ya nang le kutlwelobohloko/Ya nang le
boikarabelo. √√
(2)
8.11
Mafosi, hobane Raboditse ke yena ya kgothalleditseng Motaung ho ratana le
Mmatshele. √√
(2)
8.12
Ke ho ruta le ho eletsa hore batho ba se tsamaye ba nka dikeletso tse tla ba
lahlehisa .√√
(2)
8.13
Boipuiso/Puonosi/Monoloko.√ ho utullela babadi hore morero wa ho putlamisa
Motaung fatshe o atlehile.√
(2)
8.14
E, Ke kgohlano ya ka hare hobane ho na le twantshano maikutlong a
Raboditse.√√
(2)
8.15
Le ketsahalo ya hore Raboditse le Mmankepe ba ne ba thusana ho thuba
lelapa la Motaung. √√
Le ketsahalo ya hore Mmatshele le Raboditse ba ne ba sebedisana/ba
thusana ho senya lelapa la Motaung.
E le nngwe feela
(2)
•
•
8.10
8.16
8.17
•
•
•
•
Diphetho tsa hlahlobo ya materiki di shejwa dikoranteng. √√
Ho nwelwa jwala ditameneng.
Ho sebediswa makoloi ho phetha mabaka.
Ho na le dikolo le yunibesithi.
E le nngwe feela
(2)
Tjhe, hobane ha o ruta ngwanana o mo betlela bokamoso bo botle. √√
KAPA
Ee, ka nako e nngwe bana ba banana ba nyalwa ha ba qeta sekolo.
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
(2)
Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
20
NSC – Memorandamo
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
8.18
E, hobane ditlhare tseo Raboditse a di sebedisitseng ho Motaung di sebeditse
ho thuba lelapa la hae/ho senya bophelo ba hae. √√
8.19
Ke mo tenehele √, hobane o bile le seabo se seholo ho ferekanyeng lelapa la
Motaung. √√
KAPA
Ke mo qenehele, hobane mohlomong o ne a sa lebella hore bophelo ba
Motaung bo ka senyeha ka tsela eo.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
(2)
(3)
[35]
35
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
21
NSC – Memorandamo
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
KAROLO YA C: PALEKGUTSHWE
POTSO YA 9: MODIA – MK Mofihli le ba bang
Selelekela
Kgohlano ke thulano ya maikutlo e ka hlahang pakeng tsa motho le motho, motho le
dintho kapa maemo a itseng, mme kgohlano ena ke ya ka ntle. Ho ka boela ha e ba le
thulano pakeng tsa motho le maikutlo a hae. Ena yona ke ya ka hare hobane ha e
bonwe, e maikutlong kapa menahanong ya motho.
Mmele
Palekgutshweng ena re fumana mefuta ena e mmedi ya kgohlano. Kgohlano e matla
ke ya ka ntle. Diketsahalo di totobatsa kgohlano ena e le pakeng tsa Ralehlatsa,
motsamaisi le Tatolo. Ho bonahala mona, lefufa le ho hloka tlhompho ho baokamedi e
le sona sesosa sa kgohlano.
Ho hloka tlhompho ha Ralehlatsa le bomphato ba hae ho mookamedi wa bona, ho
baka mathata a tsosang thulano e mpe.
BoRalehlatsa ha ba batle ho etsa mosebetsi wa bona. Ba dula thabeneng moo ba
rerang motsamaisi eo wa bona. Ha Tatolo a kena dipakeng a leka ho ba hlokomedisa
hore seo ba se etsang ha se a loka, ba mo qosa ka hore ke mpimpi ya mookamedi.
Ha boRalehlatsa ba fihla mosebetsing, ba hana ho ya kopanong e neng e bitsitswe ke
motsamaisi. Ba qetella ka ho susumetsa basebetsimmoho le bona ho ba tshehetsa.
Bao ba dumellana le bona mme ba bile ba kurutletsa motsamaisi le Tatolo ka majwe.
Motsamaisi o ile a ba a qetella a ikwalletse ka kantorong moo a ileng a thuswa ke
mapolesa. Athe Tatolo yena o hlile a ipalehela, a tswa jareteng ya mosebetsi.
Mapolesa a ile a mo pholosa tlhaselong eo, a ba a mo isa lapeng la hae. Kwana
mosebetsing, boRalehlatsa ba ile ba etsa kopano. Kopanong eo ba dumellana hore ha
ba sa batla motsamaisi eo. Ba etsa dipolakate tse ngotsweng, tse totobatsang maikutlo
ao a bona hantle. Ha fela ha e ba jwalo ka ha ba ne ba batla mme motsamaisi a
itokolla mosebetsing.
Ka mora katleho eo ya boRalehlatsa ya ho tlohedisa motsamaisi mosebetsi, re ne re
hopola hore kgohlano e tla rarollwa. Feela ha ho a ka ha ba jwalo hobane thulano e
tswela pele. Ha motsamaisi a se dihetse, Ralehlatsa o ile a qala ho itaola. O ne a se a
tla mosebetsing a nwele. Sena se ile sa mo thulanya le ba baholo mme o ile a qetella a
lelekilwe mosebetsing.
Ha a se a lelekilwe bophelo ba hae bo ile ba fetoha, a ba a lokela ho ya dula
mokhukhung. Ka yona nako ena ho boela ho tsoha kgohlano. Sesosa sa yona e bile
lefu la ngwana, ya neng a atisa ho thusa Ralehlatsa ka ho mo hlwekisetsa moo ha
hae. Setopo sa ngwana eo, se fumanwe ka hara lekase la diaparo hona ha Ralehlatsa.
Lefu la ngwana eo le ile la tsosa moferefere o moholo ka hara motse.
Batswadi ba mofu mmoho le setjhaba, ba hlahafala ba batla ho tshwara Ralehlatsa ka
matsoho.
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
22
NSC – Memorandamo
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
Le hona lekgetlong lena, mapolesa a ile a fihla a etsa seo a ileng a se etsa ho
motsamaisi. A ile a tshireletsa Ralehlatsa a mo kenya veneng a ya ka yena.
Ntle ho kgohlano ya ka ntle ho boetse ho hlahella ya ka hare. Yona ha e matla jwalo ka
ya ka ntle. E hlahella moo maikutlo a motsamaisi a neng a lwantshana nakong eo a
neng a bitsitse kopano ya hoseng. Basebetsi ba ne ba entse qeto ya ho se tle
kopanong eo. Ke hona moo re utlwang motsamaisi a re, 'Pelo e nngwe e re ke tlohele
ho tshwara kopano, empa e nngwe yona e re ke tswele pele ka yona'. Puo ena ya hae
e totobatsa ntwa kapa thulano e maikutlong a hae.
Phethelo
Diketsahalo palekgutshweng ena di totobatsa kgohlano hantle. Ho a hlaka hore
thulano e matla ke e pakeng tsa baphetwa mme e bakwa ke mona kapa lona lefufa le
etsang hore basebetsi ba se hlomphe baokamedi ba bona.
ELA
HLOKO:
Sena ke tataiso feela. Motshwayi a bale karabo ya
mohlahlobuwa ka hloko mme a abe matshwao ho ya ka ruburiki.
[35]
POTSO YA 10: MODIA – MK Mofihli le ba bang
10.1
Ke Letsema. √ Ke monna wa hae/ke mohatsae√
(2)
10.2
Kutlwanong.√
(1)
10.3
O ne a tlo batlisisa hore ke hobaneng ha monnamoholo a sa tle kerekeng.√
(1)
10.4
Ba bina difela tseo e seng tsa Tjhatjhe kerekeng. √
(1)
10.5
Ho ne ho tjhesa, ho le lerole.√√
(2)
10.6
Kereke mehleng ya pele e ne e hlompheha ha mehleng ya kajeno e se e sa
hlomphehe. √√/Kerekeng ya pele ho ne ho sa tlatswe lerata, ha ho ya jwale re
le fumana.
(2)
10.7
Bobedi di kgethehile√ ebile di a halalela.√
(2)
10.8
Bana ba tla tella batswadi. √ ba bolae setjhaba ka AK47. √ ba bolae setjhaba
ka ho se rekisetsa dithethefatsi. √
(3)
10.9
10.9.1
Ke nnete, hobane Mobishopo o ne a tsamaisa tshebeletso ka
mokgwa o tshwanetseng. √√
(2)
10.9.2
Ke mafosi, hobane ka nako eo a fihlang ka yona o itse hoja
Mmaneo a le siyo o ne a tlo mo tebela.√√
(2)
10.10
Monnamoholo Letsema o bitsa bomme bommadithatsana ebile o re ke bona
sesosa sa diqabang le diqhwebeshano. √√
(2)
10.11
Puonnosi/boipuiso/monoloko.√ Mongodi o hlahisetsa babadi hore
monnamoholo o tla fumana moeti e leng Mojalefa eo e ka nnang ya ba ha a
mo thabela.√
(2)
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
23
NSC – Memorandamo
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
10.12
Mojalefa. Hobane diketsahalo palekgutshweng ena di itshetlehile hodima
hae.√√
(2)
10.13
Palekgutshweng ho buuwa ka se etsahalang ditebelong, sa ho re motho a
pake mofu a sa mo tsebe le ho mo tseba. √√
Ditlwaelo tse seng di etswa kajeno ka kerekeng di ne di le siyo mehleng ya
pele jwalo ka ba bang ba ntse ba kgotsa ba re 'yes' ha ho ntse ho rerwa.
E le nngwe feela
(2)
Pakeng tsa tjhadimo e reng kereke ha e a tshwanela ho fetoha √
anthe e nngwe yona e re kereke e lokela ho fetoha e le ho kgema le mehla ya
kajeno. √
(2)
10.15
Kereke jwalo ka ntlo ya thapelo, e tshwanetse ho hlomptjhwa mme e
tsamaiswe ka ho nepahala. √√
(2)
10.16
Di a dumellana hobane sehlooho ke potso e botsang hore na ho nepahetse
mme tabakgolo ya pale ke e reng na ho nepahetse hore kereke e tsamaiswe
kamoo e tsamaiswang kateng kajeno. √√
(2)
10.14
10.17
Ke halefe/ke swabe√ hobane kereke le ba leloko ba tshwanetse ho ba le taolo
mohla tebelo. √√
KAPA
Ke amohele, matsatsing ana ha ho bonolo ho laola batho ba nweleng
tebelong.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
(3)
[35]
35
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
24
NSC – Memorandamo
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
KAROLO YA D: DITHOTHOKISO
POTSO YA 11
11.1
Kgaeyane √
(1)
11.2
Tlhakantsutsu/Mofutswela √
(1)
11.3
Ditlhong tsa hae di nkuwe ke kolobe/hobane o amohuwe ditlhong ke kolobe. √
(1)
11.4
Hlotse √
Padile √
(2)
11.5
Seo a se buang ha se utlwahale le pina le yona ha e mamelehe hore e reng.
√√
Ho elwe hloko dikarabo tsa baithuti.
(2)
11.6
Phetapheto e tshekalletseng/epanalepsese/neeletsano/lehokela/hlaahlela. √√
E le nngwe feela.
(2)
11.7
B/Karaburetso ya kutlo. √
(1)
11.8
Kgaeyane o moo ho nowang jwala/Kgaeyane o tameneng/o ha mosadi ya
rekisang jwala. √√
(2)
11.9
Tokodiso √
(1½)
11.10
Sethothokisi se bontsha ka moo motho a se nang boikarabelo ka teng ka
baka la jwala. √√
(2)
11.11
Ho tlamahanya mola wa pele le wa bobedi. √√
(2)
[17½]
KAPA
POTSO YA 12
12.1
tseleng √
(1)
12.2
O ne a hopotse habo/lapeng/habo Kanana/mofuthu wa habo. √
(1)
12.3
mapolasing √
(1)
12.4
mmae/ntatae √
E le nngwe feela.
(1)
12.5
O ne a ikemiseditse ho kopa tshwarelo. √
(1)
12.6
O tsamaile dikgwedi tse supa a sotleha √ diaparo di se di bile di tabohile.√
(2)
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
25
NSC – Memorandamo
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
12.7
Pheteletso./Ho feteletswa ho theoha ha dikgapha marameng a ngwana
lehlaswa kapa tsela eo a neng a lla ka yona. √
(2)
12.8
D./Ke neeletsano/neheletsano/tshekalletseng/lehokela/hlaahlela. √
(1)
12.9
O ja dijo tsa dikolobe/o ja le ho feta dikolobe. √√
(2)
12.10
Phoqo kapa tomatso. √
(1½)
12.11
Sethothokisi se re elelliswa ka bana ba phelang ka thata ka baka la ho se
mamele batswadi hore ba qetella ba sotleha/moputso wa bana ba sa
mameleng ke tshotleho. √√
(2)
12.12
Sepheo ke ho bontsha makalo. √√
Sethothokisi se makalletse ho bona modisa a tsamaya a siya mohlape/a
tsamaya tlohela mosebetsi.
(2)
[17½]
KAPA
POTSO YA 13
13.1
Ke diketso tsa lefatshe.√
(1)
13.2
Serurubele √ le leruarua. √
(2)
13.3
Sello sa motho. √
(1)
13.4
Kgotso. √
(1)
13.5
-
(2)
13.6
D/Mothofatso. √
(1)
13.7
Ke ho hatella mohopolo o reng lefatshe le hloka qenehelo.√√
(2)
13.8
Karaburetso ya kutlo. √√
(2)
13.9
Ke ya thuto/keletsi. √
(1½)
13.10
Ke ho lemosa batho/babadi hore bophelo bo bobe ba boithatelo, bo halefisa
Mmopi mme qetellong batho ba tla ikarabella ho Yena. √√
(2)
13.11
Ke ho fana ka kgatello/matlafatso lentsweng leo 'Fatsheng'. √√
Diketso tsa lefatshe di a tshosa. √
Di a swabisa ebile di halefisa Mmopi.√
(2)
[17½]
KAPA
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2
26
NSC – Memorandamo
DBE/Hlakola–Tlhakubele 2014
POTSO YA 14
14.1
Makgwakgweng/Metjhatjhane. √
(1)
14.2
Mmadiberwane o ne a ba jesa phehla/a ba jesa fiatana/a ba sebeditse ka
bheka mina ndedwa. √
E le nngwe feela
(1)
14.3
Ke Ratjotjose. √
(1)
14.4
Jwala/sekala √ le diphate. √
(2)
14.5
-
(2)
14.6
B/Kgonyetso.√
(1)
14.7
Ke ho tlamahanya mela/ho hatella semelo sa mosadi eo sethothokisi se
buwang ka yena. √ √
(2)
14.8
Ya pono. √√
(2)
14.9
Tokodiso/tomatso/phoqo. √½
(1½)
14.10
Sethothokisi se hlokomedisa babadi hore sesafeleng se a hlola/motho ya
bohale kapa ya sa kgoneng ho phedisana le ba bang ka kgotso, o tla
tjhabelwa ke letsatsi le bohloko le tla mo fetola. √√
(2)
14.11
O ne a tumme mme a tsejwa hohle ke bohle √
Bohale le sebete sa Mmadiberwane di ne di tsejwa √
Ke ho fana ka kgatello lentsweng le tlisitsweng pele molathothokisong/ke ho
fana ka kgatello ho seo ho buuwang ka sona. √√
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA D:
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA:
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
(2)
[17½]
35
70
1/--pages
Report inappropriate content